16. Ke moo o itshenolang ho batho, o tiisang thuto eo o ba rutang yona;
17. hore o tle o ntshe motho ketsong tse mpe tsa hae, o mo sesefise boikgantsho;
18. hore o pholose moya wa hae lebitleng, o mo phemise lerumo le bohale.
19. Bohloko le bona bo tla ho mo laya diphateng tsa hae, ha a utlwa masapo a hae a opa ho sa kgutse;
20. ha mahalapa a hae a tenwa ke bohobe, a se a sa lakatse dijo tse hlabosang;
21. ha dinama tsa hae di fela, ho senyeha botle ba hae, mme ho bonwa masapo feela a hlobodisitsweng;
22. ha moya wa hae o se o atametse lebitla, mme bophelo ba hae bo se bo tla kgaolwa.
23. Jwale ha ho ka tla ho yena lengeloi le mo hlalosetsang ditaba, le tswang makgotleng a lehodimo, la mo kenya tseleng e lokileng,
24. eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang.
25. Ke ha nama ya hae e se e ntjhafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae; o kgutlela matsatsing a botjha ba hae.
26. Ha a rapela Modimo, o tla mo etsetsa mohau, mme o tla bona sefahleho sa wona ka thabo, a buseletswe ho loka ha hae.