Jobo 33:1-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa wena, Jobo, mamela dipolelo tsa ka, o sekehele mantswe a ka kaofela tsebe!

2. Bona, ke se ke ahlamisitse molomo wa ka, leleme la ka le se le bua mahalapeng a ka.

3. Taba tsa ka di tla bapa le nnete ya pelo ya ka, melomo ya ka e bolele mehopolo ya ka e hlwekileng.

4. Moya wa Modimo o nkentse, pudulo ya Ya matla wohle e a mphedisa.

5. Ha o ena le matla, o nkarabe, o emele nyewe ya hao, o itokise.

6. Bona, ke ntse ke tshwana le wena pela Modimo; le nna ke bopilwe ka letsopa.

7. Ha ho le jwalo, o se ke wa tshoswa ke letsoso la ka, matla a ka a se ke a o imela!

8. Tjhe, o se o boletse ditsebeng tsa ka, ke utlwile modumo wa mantswe a hao, wa re:

9. Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;

10. bonang, Modimo o batla sebaka sa ho nqala, o ntadimile jwaloka hoja ke le sera ho wona;

11. o tshwasitse maoto a ka, o hlwela mehato ya ka kaofela.

12. Bona, karabo ya ka ke yona ena: O fositse tabeng tseo; hobane Modimo o moholo ho ena le motho.

13. O o tsekisa keng ka ho re, ha o ikarabele diketsong tsohle tsa wona?

14. Leha ho le jwalo, Modimo o bua ka mokgwa o mong, o ntoo bua ka o mong hape, empa ha ho lemohe motho.

15. O bua ka ditoro, ka dipono tsa bosiu, ha batho ba tshwerwe ke boroko, mme ba robetse diphateng tsa bona.

16. Ke moo o itshenolang ho batho, o tiisang thuto eo o ba rutang yona;

17. hore o tle o ntshe motho ketsong tse mpe tsa hae, o mo sesefise boikgantsho;

18. hore o pholose moya wa hae lebitleng, o mo phemise lerumo le bohale.

Jobo 33