1. Jwale, banna bao ba bararo ba lesa ho fetola Jobo, hobane e ne e le ya lokileng mahlong a hae.
2. Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo;
3. hape, bohale ba hae ba tukela metswalle ya hae e meraro, hobane leha ba ne ba hlokile seo ba ka arabang ka sona, leha ho le jwalo, ba ne ba tswile Jobo.
4. Elihu o ne be a diehile ho fetola Jobo, hobane ba ne ba mo feta ka dilemo.
5. Eitse ha Elihu a mpa a bona hoba ho se karabo melomong ya banna ba bararo bao, bohale ba hae ba tuka.
6. Yaba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, o fetola, a re: Ke monyenyane ka dilemo, mme lona le hodile; ka itshwara ke hona, ka tshaba ho le tsebisa mohopolo wa ka;
7. ka re: Ba nang le matsatsi ba tla bolela, ba dilemo tse ngata ba rute bohlale.
8. Empa moya o teng ho motho, pudulo ya Ya matla wohle ke yona e neang motho kutlwisiso.
9. Ba dilemo tse ngata hase bona ba leng bohlale, ba hodileng hase bona ba utlwisisang tse lokileng.
10. Ke ka baka leo ke reng: Mmameleng! le nna ke rata ho tsebisa mehopolo ya ka.