29. Ha ekaba nkile ka thabela tshenyeho ya eo e neng e le sera ho nna, ka hlasimoloha mohla ditlokotsi di mo welang hodimo;
30. (athe ha ke a ka ka dumella molomo wa ka ho seba, ka ho kopela bophelo ba hae thohako)
31. ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?
32. ha eba hase nnete hobane moeti o ne a se na ho hlola bosiu kantle, hobane ke ne ke ntse ke buletse baeti monyako wa ka;
33. ha eba ke apesitse bokgopo ba ka ka mokgwa wa batho, ka pata melato ya ka fubeng sa ka,
34. ka ho tshaba bongata, le kahobane nyatso ya setjhaba e ne e ntshosa, mme ka itholela, ke sa tswele ntle ho monyako wa ka! ...
35. Hola ke na le ya nkutlwang! Bonang, tiiso ya letsoho la ka ke ena! Hola Ya matla wohle a ka mphetola! Hola lengolo le le teng la ya nqosang molato!