Jobo 31:18-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. (athe, e sa le botjheng ba ka, o holetse ho nna, ka ba ho yena jwaloka ntatae, mme ke tsamaisitse mosadi wa mohlolohadi haesale ke etswa popelong ya mme)

19. ha ekaba nkile ka bona e mong ya timelang a se na diaparo, kapa mofumanehi ya hlokang seo a ikapesang ka sona,

20. mme matheka a bona a sa ka a ntlhohonolofatsa, mme ba sa ka ba futhumala ka boya ba dikonyana tsa ka;

21. ha ekaba letsoho la ka le kile la otla kgutsana, kahobane ke bone ha ke emetswe ke ba dutseng kgorong;

22. ha ho ka ba jwalo, lehetla la ka a le ke le we makopanong a lona, mme letsoho la ka le we, le robehe.

23. Hobane teng, ditefetso tsa Modimo di ne di tla ntshosa, ke ne ke tla sitwa ho ema pela bophahamo ba wona.

24. Ha ekaba ke entse kgauta tshepo ya ka, ka ba ka re ho kgauta e hlwekileng: Tshepo ya ka e ho wena;

25. ha ekaba ke nyakalletse boholo ba maruo a ka le tse ngata tse bokeletsweng ke matsoho a ka;

26. ha ekaba nkile ka boha letsatsi ha le kganya, kapa kgwedi ha e tsamaya ka kganya ya yona,

27. pelo ya ka ya ba ya thetswa ka sephiring, ka isa letsoho melomong ho le aka;

Jobo 31