5. ba lelekwa hara batho; ho howeletswa kamora bona, jwalokaha ho howeletswa kamora mashodu;
6. ba ikgaheletse dikgutlong tse tshabehang, mahaheng le mafarung a lefatshe;
7. ba lla hara dihlahla, ba botha hammoho tlasa meutlwa;
8. ke bana ba mahlanya, ke bana ba ba se nang lebitso; ba lelekilwe lefatsheng hara batho.
9. Mme jwale, ke fetohile pina ya bona le maele a bona;
10. ba mphema, ba mpalehela, ha ba tshabe ho tshwela fahleho sa ka ka mathe.
11. Ha ba sa itshwara, ba nkokobetsa; ba ineetse ho bua tsohle pela ka.
12. Mofuta oo o mobe o mpatisa letsohong la ka le letona, ba kgarametsa maoto a ka, ba kata ditsela tsa ho tla ntshenya.
13. Ba senya tsela ya ka, ba eketsa tshenyehelo ya ka, athe ke ba sa tsotellweng ke motho.
14. Ba ntlela jwaloka hola ba kena ka sekheo se ahlameng, ba itihela ka lerata la tshenyo.