Jobo 30:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Efela ke ne ke tla etsang ka matla a matsoho a bona? Ke ba shwetsweng ke matla;

3. ba omile ke ho hloka le ke tlala, ba lelera feelleng nqalong tse furaletsweng, tse senyehileng;

4. ba kga dimela tse babang tsa meru; metso ya dihlahla ke dijo tsa bona;

5. ba lelekwa hara batho; ho howeletswa kamora bona, jwalokaha ho howeletswa kamora mashodu;

6. ba ikgaheletse dikgutlong tse tshabehang, mahaheng le mafarung a lefatshe;

Jobo 30