Jobo 30:11-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ha ba sa itshwara, ba nkokobetsa; ba ineetse ho bua tsohle pela ka.

12. Mofuta oo o mobe o mpatisa letsohong la ka le letona, ba kgarametsa maoto a ka, ba kata ditsela tsa ho tla ntshenya.

13. Ba senya tsela ya ka, ba eketsa tshenyehelo ya ka, athe ke ba sa tsotellweng ke motho.

14. Ba ntlela jwaloka hola ba kena ka sekheo se ahlameng, ba itihela ka lerata la tshenyo.

15. Matshabeho kaofela a mphihletse; a tlosa bokgabane ba ka jwaloka sefefo, mme lehlohonolo la ka le fetile jwaloka leru.

16. Mme jwale, moya wa ka o itshollela kahare ho nna, matsatsi a tlokotsi a ntshwere;

17. bosiu bo roba masapo a ka, bohloko bo nkokonang ha bo kgutse.

18. Ka matla a bohloko kobo ya ka e sohlokantswe, e mpatisa jwaloka kojwana.

19. Modimo o ntihetse seretseng, ke tshwana le lerole le melora.

20. Ke howeletsa ho wena, ha o nkarabe. Ke eme mona, o ntonela mahlo;

21. ho nna o fetohile sera se se nang mohau, o ntwantsha ka letsoho la hao le matla;

22. o nkukile ka moya wa sefefo, o ya le nna, hore ke tle ke dikele mororong wa moya.

23. Hobane ke tseba hoba o nkisa lefung, tlung eo ba utlwang kaofela ba tshwanetseng ho phuthehela ho yona.

24. Leha ho le jwalo, ha ke re, ya wang o ye a otlolle letsoho la hae, mme timelong ya hae, ha ke re, a ka howelletsa thuso na?

Jobo 30