Jobo 30:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mme jwale, ke sesomo ho ba banyenyane ho nna, bao nka beng ke nyatsitse ho bea bontata bona hara dintja tsa mehlape ya ka.

2. Efela ke ne ke tla etsang ka matla a matsoho a bona? Ke ba shwetsweng ke matla;

3. ba omile ke ho hloka le ke tlala, ba lelera feelleng nqalong tse furaletsweng, tse senyehileng;

4. ba kga dimela tse babang tsa meru; metso ya dihlahla ke dijo tsa bona;

5. ba lelekwa hara batho; ho howeletswa kamora bona, jwalokaha ho howeletswa kamora mashodu;

Jobo 30