7. Bosiu boo a bo nyope, nyakallo e hlokahale ho jona!
8. A bo rohakwe ke ba rohakang ditshiu, ba nang le boqweleqwele ba ho tsosa leviathane!
9. A dinaledi tsa mafube a jona di fifale! A bo hlolohelwe lesedi, mme le se ke la hlaha, bo se ke ba bona dintshi tsa mafube a meso!
10. Hobane ha bo a ka ba kwala popelo eo ke tswileng ho yona, ha bo a ka ba pata ho hlomoha mahlong a ka!
11. Ke ne ke sa shwe keng mpeng ya mme, kapa ke ne ke sa timele keng ke sa tswa popelong?
12. Mangole a mme a ne a mphare keng? mme matswele a hae a nkanyeseditseng na?