Jobo 3:12-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Mangole a mme a ne a mphare keng? mme matswele a hae a nkanyeseditseng na?

13. Hobane jwale, nka be ke rapaletse ke ikgutseditse, nka be ke robetse, mme ka phomola le nna,

14. le marena le ba baholo ba lefatshe, ba ikgahetseng mabitla;

15. kapa le mahosana a neng a ruile dikgauta, a tlatsitse matlo a wona ka disilefera;

16. mohlomong ka ba siyo jwaloka sefolotsana se epetsweng, kapa jwaloka bana ba sa kang ba bona lesedi.

17. Teng, ba babe ba lesa ho ferekanya, teng ho phomola ba kgathetseng;

18. ba holehilweng ba dula ka kgotso, ha ba sa utlwa lentswe la motubi.

19. Teng, ba banyenyane le ba baholo ba lekana, mme mofo o lokolohile ho monghadi wa hae.

20. Ya madimabe o neelwang lesedi, ya hlomohileng pelo o neelwang bophelo,

21. e le ba lebeletseng lefu, mme ha le fihle, ba le tjheba ba le lakatsa ho fetisa letlotlo le patilweng,

22. ba thaba ka thabo e fetisisang, ba be ba nyakalle, ha ba fumana lebitla?

23. Ho tswetswe keng motho ya timeletsweng ke tsela ya hae, eo Modimo o mo patisang kahohle?

24. Dijo tsa ka ke mefehelo, dipokollo tsa ka di iphallela jwaloka dikgohola.

25. Hobane botshabeho boo ke bo tshabang bo nkwela hodimo, mme see ke se tshohang ke se ntlhahelang.

26. Ha ke fuwe sebaka, leha e le boitketlo, kapa phomolo, thethelo ke yona e ntlelang kamehla.

Jobo 3