Jobo 3:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kamora tseo, Jobo a ahlamisa molomo wa hae, a rohaka letsatsi leo a tswetsweng ka lona.

2. Jobo a bua, a re:

3. Ho timele letsatsi leo ke tswetsweng ka lona, le bosiu boo ho itsweng: Ngwana e motona o emotswe.

4. Tsatsi leo le fetohe lefifi, mme Modimo o se ke wa le hlokomela o le hodimo! lesedi le se ke la hlola le le kganyetsa.

5. A le patwe ke botsho le ke moriti wa lefu, leru le ke le le kwahele, mme le ke le tshabiswe ke se fifatsang letsatsi.

6. Bosiu boo bo ke bo tshwarwe ke lefifi, bo se ke ba thaba hara matsatsi a ngwaha, bo se ke ba balwa palong ya ditshiu tsa dikgwedi.

7. Bosiu boo a bo nyope, nyakallo e hlokahale ho jona!

8. A bo rohakwe ke ba rohakang ditshiu, ba nang le boqweleqwele ba ho tsosa leviathane!

9. A dinaledi tsa mafube a jona di fifale! A bo hlolohelwe lesedi, mme le se ke la hlaha, bo se ke ba bona dintshi tsa mafube a meso!

10. Hobane ha bo a ka ba kwala popelo eo ke tswileng ho yona, ha bo a ka ba pata ho hlomoha mahlong a ka!

Jobo 3