3. Mehleng eo, lebone la wona le ne le kganyetsa hlooho ya ka; ka lesedi la wona ke ne ke tseba ho tsamaya hara lefifi.
4. Hola nka boela ka ba jwaloka matsatsing a nala ya ka, ha Modimo o ne o dula tenteng ya ka jwaloka motswalle;
5. ha Ya matla wohle a ne a na le nna, mme bana ba ka ba nteetse hare;
6. ha maoto a ka a ne a hlatsweha lebeseng, mme lefika le ne le ntswela melatswana ya ole.
7. Enere ha ke tswela kgorong ya motse, ke ne ke bea setulo sa ka lebaleng la yona;
8. ha ke atamela, ba batjha ba ne ba ntshuthela, ba hodileng ba ne ba raoha, ba ema;
9. mahosana a ne a lesa ho bua, a bea matsoho melomong ya wona;
10. lentswe la baeletsi le ne le kgutsa, leleme la bona le ne le kgomarela mahalapa a bona;
11. tsebe e neng e nkutlwa, e ne e re ke lehlohonolo; leihlo le neng le mpona, le ne le nthorisa.
12. Ke hobane ke ne ke lwela mosenyehi, ha a kopa thuso, le kgutsana e hlokileng mothusi;
13. ke ne ke hlohonolofatswa ke ya neng a le lekgatheng la ho timela, ka kenya thabo pelong ya mosadi wa mohlolohadi;