Jobo 29:23-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. ba ntebella jwalokaha ho lebellwa pula, ba ahlamisa melomo ya bona jwaloka hola ba amohela pula ya lehwetla.

24. Ke ne ke ba tsheha, ha ba tsieleha, ba se ke ba tseba ho tlosa ho ela sefahlehong sa ka.

25. Ka ba kgethela tsela, ka dula sehloohong, ka ba jwaloka morena hara bongata, le jwaloka ya tshedisang ba llang.

Jobo 29