1. Jobo a eketsa a isa polelo ya bohlale ya hae, a re:
2. Hola nka boela ka bona kgwedi tse jwaloka tsa mohla monene, le ditshiu tsa mohla Modimo o neng o mpoloka!
3. Mehleng eo, lebone la wona le ne le kganyetsa hlooho ya ka; ka lesedi la wona ke ne ke tseba ho tsamaya hara lefifi.
4. Hola nka boela ka ba jwaloka matsatsing a nala ya ka, ha Modimo o ne o dula tenteng ya ka jwaloka motswalle;
5. ha Ya matla wohle a ne a na le nna, mme bana ba ka ba nteetse hare;
6. ha maoto a ka a ne a hlatsweha lebeseng, mme lefika le ne le ntswela melatswana ya ole.