Jobo 29:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jobo a eketsa a isa polelo ya bohlale ya hae, a re:

2. Hola nka boela ka bona kgwedi tse jwaloka tsa mohla monene, le ditshiu tsa mohla Modimo o neng o mpoloka!

3. Mehleng eo, lebone la wona le ne le kganyetsa hlooho ya ka; ka lesedi la wona ke ne ke tseba ho tsamaya hara lefifi.

4. Hola nka boela ka ba jwaloka matsatsing a nala ya ka, ha Modimo o ne o dula tenteng ya ka jwaloka motswalle;

5. ha Ya matla wohle a ne a na le nna, mme bana ba ka ba nteetse hare;

6. ha maoto a ka a ne a hlatsweha lebeseng, mme lefika le ne le ntswela melatswana ya ole.

7. Enere ha ke tswela kgorong ya motse, ke ne ke bea setulo sa ka lebaleng la yona;

8. ha ke atamela, ba batjha ba ne ba ntshuthela, ba hodileng ba ne ba raoha, ba ema;

9. mahosana a ne a lesa ho bua, a bea matsoho melomong ya wona;

10. lentswe la baeletsi le ne le kgutsa, leleme la bona le ne le kgomarela mahalapa a bona;

11. tsebe e neng e nkutlwa, e ne e re ke lehlohonolo; leihlo le neng le mpona, le ne le nthorisa.

12. Ke hobane ke ne ke lwela mosenyehi, ha a kopa thuso, le kgutsana e hlokileng mothusi;

13. ke ne ke hlohonolofatswa ke ya neng a le lekgatheng la ho timela, ka kenya thabo pelong ya mosadi wa mohlolohadi;

14. ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;

15. ke ne ke le mahlo a sefofu; maoto a sehlotsa e ne e le nna;

Jobo 29