Jobo 28:21-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Bo patetswe mahlo a ba phelang kaofela, bo patetswe le manong a lehodimo.

22. Sekoti le lefu di re: Re utlwile modumo wa jona ka ditsebe feela.

23. Modimo ke wona o tsebang tsela ya jona, o tseba moo bo dulang teng;

24. hobane o bona ho isa pheletsong tsa lefatshe, o shadima tsohle tse tlasa lehodimo.

25. Mohla o laelang boima ba moya, o lekanyang metsi ka tekanyo,

26. mohla o beelang pula melao, o bontshang tladi e dumang tsela ya yona;

27. ebile hona o bo bonang, o bo bonahatsang; o bo tiisitse, wa ba wa bo leka.

28. Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.

Jobo 28