Jobo 28:14-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Bodiba bo re: Ha bo yo ho nna; lewatle le re: Ha ke na jona.

15. Kgauta e hlwekileng e ke ke ya bo reka; silefera e ke ke ya lekanyeletswa theko ya jona;

16. kgauta e hlwekileng a Ofire e ke ke ya lekana le jona; bo fetisa onikse le safire.

17. Kgauta le kristale ha di bapiswe le jona; leha e le dikgabiso tsa kgauta, di ke ke tsa bo reka;

18. diperela le berile di ke ke tsa bolelwa pela jona; hobane bohlale bo fetisa theko ya korale.

19. Topase ya Ethiopia ha e lekane le jona, bo ke ke ba theolwa ke kgauta e hlwekileng ka ho fetisa.

20. Ha ho le jwalo, bohlale bo tswa kae? Le yona kutlwisiso e dutse nqalong efe?

21. Bo patetswe mahlo a ba phelang kaofela, bo patetswe le manong a lehodimo.

Jobo 28