Jobo 28:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. o thibela metsi a dutlang; o hlahisetsa leseding tse neng di patilwe.

12. Empa bohlale bo fumanwa kae? Kutlwisiso e dutse nqalong efe?

13. Motho a ke ke a lekanya bohlokwa ba jona; ha bo fumanwe lefatsheng la ba phelang.

14. Bodiba bo re: Ha bo yo ho nna; lewatle le re: Ha ke na jona.

15. Kgauta e hlwekileng e ke ke ya bo reka; silefera e ke ke ya lekanyeletswa theko ya jona;

16. kgauta e hlwekileng a Ofire e ke ke ya lekana le jona; bo fetisa onikse le safire.

17. Kgauta le kristale ha di bapiswe le jona; leha e le dikgabiso tsa kgauta, di ke ke tsa bo reka;

18. diperela le berile di ke ke tsa bolelwa pela jona; hobane bohlale bo fetisa theko ya korale.

Jobo 28