Jobo 28:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Silefera e na le moo e rafshwang teng, kgauta e na le moo e tjhekwang teng, hore e be e hlwekiswe;

2. tshepe e ntshwa mobung, mme koporo e ntshwa lejweng la yona ha le qhibidihiswa.

3. Motho o hlola lefifi, o qamakisisa ho fihlela dibakeng tse tebileng, hore a fumane lefika le patilweng lefifing le letsho, le tshabehang.

4. O tjheba sekoti hole le moo batho ba ahileng teng; teng o lebetswe ke batho bohle, o lepella a fanyehilwe ka marapo hole le batho, a ntse a akgelwa mane le mane.

5. Lefatshe le tswang dijo, ha le fuduwa bohareng ba lona, le tsekema jwaloka mollo.

6. Majweng a lona ho tswa safire le lerole la kgauta;

7. ha ho lenong le tsebang tsela ya teng, mahlo a letlaka ha a fihle teng;

8. ha e hatwe ke dibatana tse hlaha tsa naha, tau e purumang ha e fete teng.

9. Motho o kenya letsoho la hae lefikeng le thata, o ripitla dithaba ka metsong ya tsona;

Jobo 28