Jobo 27:5-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Taba ya hore le boletse nnete, e be hole le nna; ke tla tiya, ke bolele ho hloka molato ha ka, ke be ke shwe.

6. Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.

7. Eo e leng sera ho nna a ke a be jwaloka molotsana, ya ntwantshang a tshwane le ya kgopo!

8. Hobane tshepo ya molotsana ke efe, ha Modimo o mo kgaola, leha o lata bophelo ba hae?

9. Na Modimo o tla utlwa mehoweletso ya hae, mohla a jewang ke matswalo na?

10. Na o batla thabo ya hae ho Ya matla wohle na? Na a ka rapela Modimo ka dinako tsohle na?

11. Ke tla le ruta diketso tsa Modimo, nke ke ka pata merero ya Ya matla wohle.

12. Bonang, kaofela ha lona le e lemohile hantle; mme le dumellane; ha ho le jwalo, le hlahisa dipolelo tsa lefeela keng?

13. Hona ke kabelo ya molotsana e tswang ho Modimo; ke lena lefa leo motubi a le nkang ho Ya matla wohle:

14. ha bana ba hae ba atile, e tla ba dijo tsa lerumo, ditloholo tsa hae di ke se ke tsa kgora bohobe;

15. ba hae ba phonyohileng ba tla epelwa ke lefu la sewa, mme bahlolohadi ba hae ba ke se ke ba ba llela.

16. Leha a ka bokella silefera, e be ka ka lerole, le diaparo tse ntle, di be ka ka qubu ya seretse,

17. ke yena ya di bokellang, empa ke ya lokileng ya tla ikapesa ka tsona; mme silefera ya hae, ba se nang molato ba tla e arolelana.

18. O hahile ntlo jwaloka ya tshwele, jwaloka lephephe la ya letang tshimo;

19. o ithoballa a ruile, mme o timela a se a se na letho; o a phaphama, eba tsohle di ile;

20. matswalo a tla ho yena jwaloka morwallo wa metsi; bosiu o tloswa ke sefefo.

21. Moya wa botjhabela o ya le yena, mme o a ikela; o mo tlosa ka matla ditulong tsa hae,

22. hobane Modimo o mo phosa, o sa mo hauhele; o tswatswile a leka ho pshemoha matsohong a wona;

Jobo 27