Jobo 27:15-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. ba hae ba phonyohileng ba tla epelwa ke lefu la sewa, mme bahlolohadi ba hae ba ke se ke ba ba llela.

16. Leha a ka bokella silefera, e be ka ka lerole, le diaparo tse ntle, di be ka ka qubu ya seretse,

17. ke yena ya di bokellang, empa ke ya lokileng ya tla ikapesa ka tsona; mme silefera ya hae, ba se nang molato ba tla e arolelana.

18. O hahile ntlo jwaloka ya tshwele, jwaloka lephephe la ya letang tshimo;

19. o ithoballa a ruile, mme o timela a se a se na letho; o a phaphama, eba tsohle di ile;

20. matswalo a tla ho yena jwaloka morwallo wa metsi; bosiu o tloswa ke sefefo.

21. Moya wa botjhabela o ya le yena, mme o a ikela; o mo tlosa ka matla ditulong tsa hae,

22. hobane Modimo o mo phosa, o sa mo hauhele; o tswatswile a leka ho pshemoha matsohong a wona;

23. batho ba opa diatla ka yena, ba mo letsetsa molodi ha a tloha tulong tsa hae.

Jobo 27