1. Jobo a boela a isa polelo ya bohlale ya hae, a re:
2. Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,
3. ha ke ntse ke phela, mme phefumoloho ya Modimo ha e sa ntse e le dinkong tsa ka,
4. melomo ya ka e ke se ke ya bolela leshano, le leleme la ka le ke se ke la ntsha thetso.
5. Taba ya hore le boletse nnete, e be hole le nna; ke tla tiya, ke bolele ho hloka molato ha ka, ke be ke shwe.
6. Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.
7. Eo e leng sera ho nna a ke a be jwaloka molotsana, ya ntwantshang a tshwane le ya kgopo!
8. Hobane tshepo ya molotsana ke efe, ha Modimo o mo kgaola, leha o lata bophelo ba hae?
9. Na Modimo o tla utlwa mehoweletso ya hae, mohla a jewang ke matswalo na?
10. Na o batla thabo ya hae ho Ya matla wohle na? Na a ka rapela Modimo ka dinako tsohle na?
11. Ke tla le ruta diketso tsa Modimo, nke ke ka pata merero ya Ya matla wohle.
12. Bonang, kaofela ha lona le e lemohile hantle; mme le dumellane; ha ho le jwalo, le hlahisa dipolelo tsa lefeela keng?