2. O thusitse hakaakang ya se nang matla! O tiisitse hakaakang letsoho le tepeletseng!
3. O eleditse hakaakang ya hlokang hlalefo, mme o boletse tsebo ya sebele hakaakang!
4. Taba tseo o di bolella mang? Ke moya wa mang o tswang molomong wa hao?
5. Diriti di thothomela katlasa metsi le ba ahileng ho wona.
6. Nqalo ya bafu e feela pela wona; ho wona bodiba ha bo na tshirelo.
7. O ne o ale boputswa ba leboya hodima sebaka se feela, wa fanyeha lefatshe hodima bodiba.
8. O thibela metsi marung a wona, mme maru ha a phatlohe ka boima ba wona.
9. O kwahela metheo ya terone ya wona, o e apesa ka maru a wona.
10. O dikadikeditse sebaka sa metsi ka sedikwadikwe, ho kgutla moo lesedi la arohanang le lefifi.
11. Ditshiya tsa mahodimo di a tlakasela, di sisimoloha ka kgalemelo ya wona.
12. Ka matla a wona a kokomosa lewatle, ka bohlale ba wona o kokobetsa ho phahama ha lona.