2. Ho suthiswa majwe a mekolokotwane; ho hapuwa mehlape, e aloswa ke ba e hapileng.
3. Esele ya kgutsana e a tlatlapuwa, kgomo ya mosadi wa mohlolohadi e bewa tebeletso;
4. mohloki o suthiswa mmileng, mme e ka kgona mafutsana a naha a ipate kaofela.
5. Bonang, jwaloka dipitsi feelleng, ba tswela dijong e sa le ka meso; ke nahathothe feela ba ka fumanelang bana ba bona bohobe.
6. Ba batla ho ja ha bona masimong; ba thonaka merareng ya bakgopo.
7. Ba hlola bosiu ba hlobotse, ba se na dikobo; ha ba na moo ba ipolokang serameng.
8. Ba thopohelwa ke dipula tsa dithaba, ba robala mahaheng, ba hloka matlo.
9. Ho pshemolawa kgutsana letsweleng, bahloki ba amohuwa tsa bona,
10. ebe ba ikela ba hlobotse, ba se na dikobo; ba thothiswa mangata ba ntse ba lapile.
11. Ba hata ole mabaleng a bakgopo, ba sebetsa sehatelong sa veine, ba ntse ba eshwa ke lenyora.
12. Dipobodi tsa ba tshwang di utlwahala metseng, meya ya ba hlabilweng e ntsha mehoweletso; leha ho le jwalo, Modimo ha o ele manyala ao hloko.
13. Ba bang ba ikgantshetsa lesedi, ha ba tsebe ditsela tsa lona, ha ba ye ka mebila ya lona.
14. Mmolai o tsoha e sa le ka meso, o bolaya mofutsana le mohloki; bosiu o a utswa.