Jobo 24:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ba bang ba ikgantshetsa lesedi, ha ba tsebe ditsela tsa lona, ha ba ye ka mebila ya lona.

14. Mmolai o tsoha e sa le ka meso, o bolaya mofutsana le mohloki; bosiu o a utswa.

15. Mahlo a mofebi a lebeletse shwalane; o re: Ha ho leihlo le ka mponang; hape o ikwahela sefahleho ka lesira.

16. Bosiu, ba phunya matlo, motshehare ba ikwalla; ha ba tsebane le letsatsi.

17. Hobane ho bona bosiu bo boholo bo ka nako ya meso, etswe ba tlwaetse botshabeho ba bosiu bo botsho.

18. Le re: Ba babe ba feta kapele jwaloka ntho e thellang hodima metsi. Lefa la bona le rohakilwe lefatsheng; ha ba sa leba nqa dirapeng tsa merara.

19. Jwalokaha metsi a lehlwa a monngwe ke komello le letsatsi, nqalo ya bafu e monya jwalo ba sebang.

20. Ba lebalwa ke mpa e ba belehileng; ba etswa matlatlo a diboko; ha ba sa hopolwa. Molotsana o tloswa jwaloka sefate se omeletseng;

21. e leng ya neng a tlatlapa tsa nyopa ya sa tswaleng, ya sa kang a etsa mosadi wa mohlolohadi hantle le hang feela.

22. Tjhe! Modimo o boloka ba matla ka matla a wona; ya jwalo a ka tsoha, leha a ne a sa tshepe hoba a ka phela.

23. O mo fa boiketlo, ebe o a tiya, mahlo a wona a tadimile mekgwa ya hae;

24. ba ye ba hodiswe, mme ka motsotso o se mokae ha ba sa le yo, ba se ba rapaletse; ba nkwa jwaloka batho bohle, ba kotulwa jwaloka diqwapi tsa mabele.

25. Ha ekaba ha ho jwalo, ke mang ya ka mpontshang ha ke le leshano, mme polelo ya ka e tla etswa lefeela ke mang?

Jobo 24