4. Ke be ke tla hlomahanya taba ya ka pela wona, ke tlatse molomo wa ka ka ditaba!
5. Ke be ke tla tseba ditaba tseo o ka nkarabang ka tsona, ke utlwe le seo o ka mpolellang sona.
6. Na o tla ntwantsha ka matla wohle a wona? Tjhe, le hanyenyane! o tla nkela hloko feela.
7. Moo, ya lokileng o ne a ka tseka le yena; ke be ke tla lokoloha ka ho sa feleng ho moahlodi wa ka!
8. Empa, bonang, ha nka ya nqa botjhabela, o siyo teng; leha ke tswela bophirimela, ha ke o fumane;
9. leha o ka sebetsa leboya, ha ke o fihlele; leha o ka ipata borwa, ha ke o bone.
10. Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.
11. Leoto la ka le tiile mehlaleng ya wona; ke bolokile tsela ya wona; ha ke a ka ka kgeloha ho yona.
12. Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka.
13. Leha ho le jwalo, o na le kgopolo e le nngwe feela; ke mang ya ka o reteletsang? Seo moya wa wona o se ratang, o a se etsa.