1. Jobo a fetola, a re:
2. Le kajeno ho dumaduma ha ka ho sa tletse boikgantsho! Letsoho le dutseng hodima ka le pupetsa mefehelo ya ka.
3. Jo! hola nka tseba moo nka o fumanang teng, hore ke tle ke fihle pela terone ya wona!
4. Ke be ke tla hlomahanya taba ya ka pela wona, ke tlatse molomo wa ka ka ditaba!
5. Ke be ke tla tseba ditaba tseo o ka nkarabang ka tsona, ke utlwe le seo o ka mpolellang sona.
6. Na o tla ntwantsha ka matla wohle a wona? Tjhe, le hanyenyane! o tla nkela hloko feela.
7. Moo, ya lokileng o ne a ka tseka le yena; ke be ke tla lokoloha ka ho sa feleng ho moahlodi wa ka!
8. Empa, bonang, ha nka ya nqa botjhabela, o siyo teng; leha ke tswela bophirimela, ha ke o fumane;
9. leha o ka sebetsa leboya, ha ke o fihlele; leha o ka ipata borwa, ha ke o bone.
10. Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.