Jobo 22:12-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Na Modimo ha o a phahama jwaloka lehodimo na? Tadima bohodimo ba dinaledi, bo hole hakakang!

13. Mme o re: Modimo o ka tseba eng? Na o ka ahlola, mahlo a wona a phunya lefifi na?

14. Maru a o kwahetse hore o sitwe ho bona; bokgwidikweng ba lehodimo, ke moo o haolang teng.

15. Na o rata ho nka tsela ya kgale e hatilweng ke ba babe na?

16. Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;

17. ba ne ba re ho Modimo: Sutha ho rona! Na Ya matla wohle a ka etsang bakeng sa rona na?

18. Kanthe o ne o tlatsitse matlo a bona ka menono. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.

19. Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; ya se nang molato o tsheha ka bona, o re:

20. E, bao e leng dira ho rona ba fedile, mollo o tjhesitse bokgabane ba bona.

21. Ka baka leo, o etse setswalle le Modimo, mme o tla bona kgotso; ka mokgwa o jwalo, leseho le tla tla ho wena.

22. Ako amohele thuto e tswang molomong wa wona, o kenye dipolelo tsa wona pelong ya hao.

23. Ha o ka kgutlela ho Ya matla wohle, o tla boela o tsoswe; feela, o leleke bokgopo tenteng ya hao.

24. O lahlele kgauta leroleng, le kgauta ya Ofire majweng a molatswana.

25. Ke hona Ya matla wohle ho wena e tla ba qubu ya kgauta le silefera e benyang haholo;

26. hobane moo o tla fumana thabo ho Ya matla wohle, o emisetse sefahleho sa hao ho Modimo.

27. O tla o rapela, mme o tla o utlwa; o tla phetha dikano tsa hao.

28. Ha o ka rera taba e nngwe, e tla o hlahela, lesedi le kganye tseleng ya hao.

Jobo 22