15. Ya matla wohle keng, ha re tla mo sebeletsa? Re tla ruang ka ho mo rapela?
16. Bonang! leseho la bona ha le matsohong a bona. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.
17. Ke mohlomong feela lebone la ba bolotsana le tingwang, ha ba atise ho welwa ke tshenyeho; Modimo ha o atise ho ba abela maswabi kgalefong ya wona,
18. ba tle ba be jwaloka dinono tse fefolwang ke moya, leha e le jwaloka mooko o nkwang ke sefefo.
19. Empa le re: Modimo o bolokela bana ba molotsana dikotlo tsa bokgopo ba hae. O mpe o ke o otle yena, a tle a utlwe.
20. Ho bone yena ka mahlo a hae ho wa ha hae, a noswe kgalefo ya Ya matla wohle;
21. hobane ha a re letho ka ntlo ya hae kamora hae, ha palo ya dikgwedi tsa hae e se e fetile.
22. Na Modimo o ka rutwa tsebo, e le wona o ahlolang meya e lehodimong?
23. E mong mona o ye a shwe a ntse a dutse naleng, a iketlile, a ena le kgotso e monate.
24. Lebese le tletse merifi ya hae, moko wa masapo a hae o tshwehla kamehla.
25. Athe e mong o ye a shwe mahlomoleng a moya wa hae, a sa ka a ja leseho.
26. Ba robala leroleng ba bapile, diboko di ba apesa ba babedi.
27. Bonang, ke tseba kamoo le hopolang kateng, le kamoo le nkahlolang kateng ka ho se loke;
28. hobane le re: E kae ntlo ya motubi? E kae tente eo ba bolotsana ba neng ba ahile ho yona?