Jobo 21:14-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Leha ho le jwalo, ba re ho Modimo: Tloha ho rona! ha re rate ho tseba ditsela tsa hao;

15. Ya matla wohle keng, ha re tla mo sebeletsa? Re tla ruang ka ho mo rapela?

16. Bonang! leseho la bona ha le matsohong a bona. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.

17. Ke mohlomong feela lebone la ba bolotsana le tingwang, ha ba atise ho welwa ke tshenyeho; Modimo ha o atise ho ba abela maswabi kgalefong ya wona,

18. ba tle ba be jwaloka dinono tse fefolwang ke moya, leha e le jwaloka mooko o nkwang ke sefefo.

19. Empa le re: Modimo o bolokela bana ba molotsana dikotlo tsa bokgopo ba hae. O mpe o ke o otle yena, a tle a utlwe.

20. Ho bone yena ka mahlo a hae ho wa ha hae, a noswe kgalefo ya Ya matla wohle;

21. hobane ha a re letho ka ntlo ya hae kamora hae, ha palo ya dikgwedi tsa hae e se e fetile.

22. Na Modimo o ka rutwa tsebo, e le wona o ahlolang meya e lehodimong?

23. E mong mona o ye a shwe a ntse a dutse naleng, a iketlile, a ena le kgotso e monate.

24. Lebese le tletse merifi ya hae, moko wa masapo a hae o tshwehla kamehla.

25. Athe e mong o ye a shwe mahlomoleng a moya wa hae, a sa ka a ja leseho.

26. Ba robala leroleng ba bapile, diboko di ba apesa ba babedi.

27. Bonang, ke tseba kamoo le hopolang kateng, le kamoo le nkahlolang kateng ka ho se loke;

28. hobane le re: E kae ntlo ya motubi? E kae tente eo ba bolotsana ba neng ba ahile ho yona?

29. Na ha le a ka la botsa baeti? Le sitwa keng ho dumela bopaki bo tliswang ke bona,

30. ha ba re: Molotsana o sirelwa ka letsatsi la tshenyeho; ka letsatsi la phetetso o tloswa pela yona?

31. Ke mang ya tlang ho mo kgalemela mahlong hodima metsamao ya hae? O tla buseletswa ke mang seo a se entseng na?

32. O iswa lebitleng, o lokisetswa qubu ya majwe.

33. Makote a sekgutlo a bobebe hodima hae; batho kaofela ba kolokile kamora hae, ba etellang pele ha ba na palo.

34. Ha ho le jwalo, le ntlhahiselletsang matshediso a lefeela? Ho setseng dikarabong tsa lona ke bolotsana feela.

Jobo 21