Jobo 21:11-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Bana ba bona ba tswa tlung ba ka ka mohlape, bana ba banyenyane ba bona ba thala.

12. Ba bina meloding ya moropa le harepa, ba ithabisa ka phala.

13. Ba qeta matsatsi a bona menyakeng, ba theohela nqalong ya bafu hanghang.

14. Leha ho le jwalo, ba re ho Modimo: Tloha ho rona! ha re rate ho tseba ditsela tsa hao;

15. Ya matla wohle keng, ha re tla mo sebeletsa? Re tla ruang ka ho mo rapela?

16. Bonang! leseho la bona ha le matsohong a bona. Maikutlo a ba bolotsana a be hole le nna.

17. Ke mohlomong feela lebone la ba bolotsana le tingwang, ha ba atise ho welwa ke tshenyeho; Modimo ha o atise ho ba abela maswabi kgalefong ya wona,

18. ba tle ba be jwaloka dinono tse fefolwang ke moya, leha e le jwaloka mooko o nkwang ke sefefo.

19. Empa le re: Modimo o bolokela bana ba molotsana dikotlo tsa bokgopo ba hae. O mpe o ke o otle yena, a tle a utlwe.

20. Ho bone yena ka mahlo a hae ho wa ha hae, a noswe kgalefo ya Ya matla wohle;

21. hobane ha a re letho ka ntlo ya hae kamora hae, ha palo ya dikgwedi tsa hae e se e fetile.

22. Na Modimo o ka rutwa tsebo, e le wona o ahlolang meya e lehodimong?

23. E mong mona o ye a shwe a ntse a dutse naleng, a iketlile, a ena le kgotso e monate.

24. Lebese le tletse merifi ya hae, moko wa masapo a hae o tshwehla kamehla.

25. Athe e mong o ye a shwe mahlomoleng a moya wa hae, a sa ka a ja leseho.

26. Ba robala leroleng ba bapile, diboko di ba apesa ba babedi.

27. Bonang, ke tseba kamoo le hopolang kateng, le kamoo le nkahlolang kateng ka ho se loke;

28. hobane le re: E kae ntlo ya motubi? E kae tente eo ba bolotsana ba neng ba ahile ho yona?

29. Na ha le a ka la botsa baeti? Le sitwa keng ho dumela bopaki bo tliswang ke bona,

30. ha ba re: Molotsana o sirelwa ka letsatsi la tshenyeho; ka letsatsi la phetetso o tloswa pela yona?

Jobo 21