1. Yaba Jobo o fetola, a re:
2. Mamelang, mamelang dipolelo tsa ka, mme le mpheng tshediso eo.
3. Nteseng, ke bue, mme ha ke se ke buile, o ntoo tseba ho soma!
4. Na le re, ke itlaleha ho batho na? Ebe e tla ba keng ha ke sa fele pelo?
5. Tlisang mahlo ho nna, mme le tla makala, le bee letsoho molomong.
6. Leha ke hopola hoo, ke ye ke timellwe ke mehopolo, mme nama ya ka e sisimohe.
7. Na ba bolotsana ba phela keng? Ba tsofala, ba atelwa ke menono jwang?
8. Lesika la bona le tiiswa keng pela bona le mabapa le bona, mme ditloholo tsa bona di atleha keng pela bona?
9. Matlo a bona a dutse kgotsong, a sireleditswe ho se tshabo, thupa ya Modimo ha e dule hodima bona.
10. Poho ya bona e a hwela, ha e lale; dithole tsa bona di a tswala, ha di folotse.
11. Bana ba bona ba tswa tlung ba ka ka mohlape, bana ba banyenyane ba bona ba thala.