Jobo 19:21-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Nkgauheleng, nkgauheleng, lona metswalle ya ka, hobane letsoho la Modimo ke lona le nkotlileng.

22. Na le ntlhorisetsang jwaloka Modimo? Ha le kgolwe keng ka nama ya ka?

23. Hola mantswe a ka a ka ngolwa jwale! Hola a ka ngolwa bukeng!

24. A ke a ngolwe ka tshepe e betlang le ka loto lefikeng ka ho sa feleng.

25. Empa ke a tseba hobane Molopolli wa ka o a phela, le hobane qetellong o tla ema lefatsheng.

26. Mme leha letlalo la ka le senyehile, ke tla bona Modimo ke se ke se nameng.

27. Ke tla o bona e le moemedi wa ka; ke tla o bona ka mahlo a ka, e seng ka a e mong. Pelo ya ka e hlolohetswe hoo fubeng sa ka.

28. Mohlang oo, le tla be le re: Na re ne re mo hlorisetsang? athe le tla bona nyewe ya ka ha e emelwa.

29. Itshabiseng lerumo ke hona, hobane bolotsana ke sebe se loketseng lerumo, mme le tsebe hoba kahlolo e teng.

Jobo 19