Jobo 19:14-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Baheso ba itulela thoko, bao e neng e le metswalle ya ka ba ntebetse.

15. Bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ba ntadima jwaloka hoja ke osele; ho bona ke ya sa tsejweng.

16. Ke bitsa mohlanka wa ka, ha a arabe, leha ke mo rapela ka molomo wa ka.

17. Phefumoloho ya ka e nkga ho mosadi wa ka, le monko wa ka o mobe ho bara ba mme.

Jobo 19