6. Leha nka bua, bohloko ba ka bo ke ke ba kgutsa; mme leha nka lesa, nka bona thuso kae?
7. E, o mphokodisitse hampe, ... o ripitlile ntlo ya ka kaofela;
8. o ntshwere ka thata, mme hoo ke paki e nqosang, ho ota ha ka ho ema ho nketselletsa, le ho nqosa pontsheng.
9. Ke haholwa ke kgalefo ya wona; o ikentse sera ho nna, o phuranya meno ho nna; eo e leng sera ho nna o ntlhaba ka mahlo a bohale.
10. Ba ahlamile melomo ya bona hampe hodima ka, ba ntshoma, ba ntjabela marameng; ba teane hammoho ho ntwantsha.