Jobo 16:18-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Wena, lefatshe, o se ke wa pata madi a ka! mohoweletso wa ka o se ke wa kgutsa!

19. Le jwale, bonang, paki ya ka e mahodimong, mme molatoledi wa ka o nqalong tse hodimodimo.

20. Leha metswalle ya ka e fetohile basomi, mahlo a ka a lebile ho Modimo ka meokgo;

21. hore o emele motho ho Modimo, le ngwana motho ho metswalle ya hae;

22. hobane ho sa tla feta dilemo tse seng kae, ke ntoo ikela ka tsela eo nke keng ka kgutla ka yona.

Jobo 16