5. Erekaha matsatsi a hae a beilwe, mme palo ya dikgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, ha o beile moedi oo a ke keng a o tlola,
6. o tlose mahlo a hao ho yena, o mo fe sebaka, hore a tle a be a thabe jwaloka ya thotsweng, ha a thabela letsatsi leo a le sebeditseng.
7. Hobane tshepo e teng bakeng sa sefate; leha se ka rengwa, se ka boela sa mela, ha se lese ho hlomela;
8. leha motso wa sona o ka tsofala mobung, mme kutu ya sona e ka shwela leroleng,
9. ha se utlwa metsi se tla tsoha, se hlomele, se medise makala jwaloka setlama se setjha.
10. Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?
11. Metsi a ye a fele letsheng, mme melatswana e ye e pshe, e omelle;
12. motho le yena o ye a robale, mme ha a sa tsoha; ho fihlela lehodimo le eba siyo, ho ke ke ha tsohuwa ke motho, a ke ke a phaphama borokong ba hae.
13. Jo! hola o ka mpata nqalong ya bafu! Hola o ka nkwahela teng, kgalefo ya hao ya ba ya feta, wa mpeela letsatsi leo o tla nkgopola ka lona!
14. Hoja motho ya shwang a ka boela a phela, ke be nka mamella ka matsatsi wohle a ntwa ya ka, ho be ho fihle se seng bakeng sa ka;
15. o ne o tla bitsa, ke ne ke tla araba, mme o ne o tla hlolohelwa mosebetsi wa matsoho a hao!
16. Empa jwale, o bala mehato ya ka, o hlokometse dibe tsa ka.
17. Ho tlola ha ka ho manehelletswe mokotleng, o tiisitse makgopo a ka.
18. Thaba di a wa, di a fela, lefika le theteha bodulong ba lona;
19. metsi a fata majwe, diphororo di ya le lerole la lefatshe; o senya tshepo ya motho jwalo.
20. O mo qala kamehla, a be a ikele; o sosobanya sefahleho sa hae, o be o mo kgutlise.