Jobo 14:5-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Erekaha matsatsi a hae a beilwe, mme palo ya dikgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, ha o beile moedi oo a ke keng a o tlola,

6. o tlose mahlo a hao ho yena, o mo fe sebaka, hore a tle a be a thabe jwaloka ya thotsweng, ha a thabela letsatsi leo a le sebeditseng.

7. Hobane tshepo e teng bakeng sa sefate; leha se ka rengwa, se ka boela sa mela, ha se lese ho hlomela;

8. leha motso wa sona o ka tsofala mobung, mme kutu ya sona e ka shwela leroleng,

9. ha se utlwa metsi se tla tsoha, se hlomele, se medise makala jwaloka setlama se setjha.

10. Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?

11. Metsi a ye a fele letsheng, mme melatswana e ye e pshe, e omelle;

12. motho le yena o ye a robale, mme ha a sa tsoha; ho fihlela lehodimo le eba siyo, ho ke ke ha tsohuwa ke motho, a ke ke a phaphama borokong ba hae.

13. Jo! hola o ka mpata nqalong ya bafu! Hola o ka nkwahela teng, kgalefo ya hao ya ba ya feta, wa mpeela letsatsi leo o tla nkgopola ka lona!

14. Hoja motho ya shwang a ka boela a phela, ke be nka mamella ka matsatsi wohle a ntwa ya ka, ho be ho fihle se seng bakeng sa ka;

Jobo 14