Jobo 13:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Na le rata ho bua leshano bakeng sa Modimo na? Na le ka bua tse thetsang sebakeng sa wona na?

8. Na le o emela feela na? Kapa le rata ho ipea babuelli ba Modimo na?

9. Na le ka rata hore o le botsisise hohle na? Kapa le ka o thetsa jwalokaha ho thetswa batho na?

10. Kannete, o tla le kgalemela, ha le ka ahlola ka tshobotsi sephiring sa lona.

11. Boholo ba wona bo tla le tshosa, letsoso la wona le le tshware.

Jobo 13