4. hobane lona, le balohi ba mashano, kaofela ha lona le dingaka tse se nang molemo.
5. Hoja la na la kgutsa, ho bo ho tla thwe: le bohlale.
6. Mamelang hle phetolo ya ka, molomong wa ka le utlwe ditaba tseo ke ikemelang ka tsona.
7. Na le rata ho bua leshano bakeng sa Modimo na? Na le ka bua tse thetsang sebakeng sa wona na?
8. Na le o emela feela na? Kapa le rata ho ipea babuelli ba Modimo na?
9. Na le ka rata hore o le botsisise hohle na? Kapa le ka o thetsa jwalokaha ho thetswa batho na?
10. Kannete, o tla le kgalemela, ha le ka ahlola ka tshobotsi sephiring sa lona.
11. Boholo ba wona bo tla le tshosa, letsoso la wona le le tshware.