20. Feela, o ntshitse ka ntho tse pedi, etlaba ke moo nke keng ka pata sefahleho sa ka pela hao.
21. O honyetse letsoho la hao hole le nna, mme o se ke wa ntshosa ka letsoso la hao.
22. O bitse, mme ke tla araba, kapa ho bue nna, mme wena o nkarabe.
23. Makgopo a ka le dibe tsa ka di kae na? O ntsebise tshito ya ka le molato wa ka.
24. O patelang sefahleho sa hao? O ntadimelang jwaloka eka ke sera ho wena?
25. Na o rata ho roba lehlaku le fefolwang, leha e le ho phallela mooko o omeletseng na?
26. Ke kang ha o mpeetse ntho tse babang, leha o nkotlela makgopo a botjha ba ka?
27. Ho ya kang ha o tshwasitse maoto a ka ka difate, leha e le ho hlwela dika tsa ka kaofela le ho dikadiketsa bohato ba maoto a ka;
28. athe ke pherehlana jwaloka ntho e jelweng ke diboko, jwaloka kobo e jewang ke tshwele?