14. Bona, ha o senya, ha ho ya ka tsosang; ha o ka kwalla motho, ha ho ya ka mo bulelang.
15. Bona, o thibela metsi, a pshe; o boele o a tlohele, mme lefatshe le senyehe.
16. Ho wona ho dutse matla le bohlale; ya kgelohileng le ya kgelosang ba matleng a wona.
17. O isa baeletsi kgolehong ba hlobodisitswe, o tsietsa baahlodi;
18. o roba molamu wa marena, o tlama matheka a wona ka mehala.
19. O isa baprista kgolehong ba hlobodisitswe, o diha ba matla;
20. ba tsebang ho bua o ba hlokisa ditaba, o amoha baholo kahlolo;
21. o tshela dihlong hodima mahosana, o lokolla senyepa sa ba matla.
22. O senola makunutu a patilweng lefifing; o hlahisa moriti wa lefu leseding.