Jobo 10:3-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?

4. Na o na le mahlo a nama na? Na o bona kamoo batho ba bonang kateng na?

5. Na matsatsi a hao a jwaloka a batho na? le dilemo tsa hao na di jwaloka tsa batho na,

6. ha o batla molato wa ka, mme o botsisisa sebe sa ka na?

7. Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.

8. Matsoho a hao a mpopile, a mphethisitse kahohle: athe o rata ho mpshatla!

9. Elellwa hle hobane o mpopile jwaloka letsopa; mme o re, ke kgutlele leroleng?

10. Na hase wena o ntsholotseng jwaloka lebese, wa nqhatsa jwaloka mafi a tiileng?

11. Na ha o a ka wa nkapesa ka letlalo le ka nama, le ho ntoha ka masapo le mesifa na?

12. O nneile bophelo le mohau, mme paballo ya hao e sireleditse phefumoloho ya ka.

13. Empa pelong ya hao o patile taba! Ke bona seo o se hopotseng ka ho wena.

14. Ha ke entse sebe, o ntse o ntadima hampe, o hana ho ntshwarela molato wa ka.

15. Leha nka tshoha ke etsa molato, ho madimabe nna! Le hoja ke se na molato, ke tshaba ho emisa hlooho, hobane ke kgotshe dihlong, mme ke itsebela bomadimabe ba ka.

16. Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.

17. O ne o ya hlahisa dipaki tse ding ho ntwantsha, le ho nkatisetsa kgalefo ya hao; o ne o ya ntlela ka makgotla a phomotsanang!

18. Jo! Na o nntsheditseng popelong ya mme? Nka be ke shwele teng, ke se ke ka bonwa ke leihlo la motho;

19. nka be ke le jwaloka ya bileng siyo, nka be ke jaretswe lebitleng ke etswa popelong.

Jobo 10