Jobo 10:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Na ha o a ka wa nkapesa ka letlalo le ka nama, le ho ntoha ka masapo le mesifa na?

12. O nneile bophelo le mohau, mme paballo ya hao e sireleditse phefumoloho ya ka.

13. Empa pelong ya hao o patile taba! Ke bona seo o se hopotseng ka ho wena.

14. Ha ke entse sebe, o ntse o ntadima hampe, o hana ho ntshwarela molato wa ka.

15. Leha nka tshoha ke etsa molato, ho madimabe nna! Le hoja ke se na molato, ke tshaba ho emisa hlooho, hobane ke kgotshe dihlong, mme ke itsebela bomadimabe ba ka.

16. Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.

17. O ne o ya hlahisa dipaki tse ding ho ntwantsha, le ho nkatisetsa kgalefo ya hao; o ne o ya ntlela ka makgotla a phomotsanang!

18. Jo! Na o nntsheditseng popelong ya mme? Nka be ke shwele teng, ke se ke ka bonwa ke leihlo la motho;

19. nka be ke le jwaloka ya bileng siyo, nka be ke jaretswe lebitleng ke etswa popelong.

20. Matsatsi a ka na ha a makaenyana na? Ha ho le jwalo, lesa, o ntlohele, ke tle ke boele ke ele sefahleho hanyenyane,

21. ke eso ho ikele moo nke keng ka hlola ke kgutla teng, naheng ya lefifi le ya moriti wa lefu;

22. e leng naha e ntsho jwaloka bosiu, ya moriti wa lefu le moferefere, moo lesedi le tshwanang le lefifi.

Jobo 10