Jobo 10:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.

2. Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!

3. Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?

4. Na o na le mahlo a nama na? Na o bona kamoo batho ba bonang kateng na?

5. Na matsatsi a hao a jwaloka a batho na? le dilemo tsa hao na di jwaloka tsa batho na,

6. ha o batla molato wa ka, mme o botsisisa sebe sa ka na?

7. Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.

8. Matsoho a hao a mpopile, a mphethisitse kahohle: athe o rata ho mpshatla!

9. Elellwa hle hobane o mpopile jwaloka letsopa; mme o re, ke kgutlele leroleng?

10. Na hase wena o ntsholotseng jwaloka lebese, wa nqhatsa jwaloka mafi a tiileng?

Jobo 10