Jeremia 9:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. e mong le e mong o ye a thetse motswalle wa hae, mme ha ba bolele nnete; ba rutile maleme a bona ho bolela leshano; ba sebetsa bokgopo ba sa kgathale.

6. Moaho wa hao o hara ba mano; manong a bona ba hana ho ntseba, ho bolela Jehova.

7. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla ba lekola, ke ba leke; hobane nka be ke etsa jwang bakeng sa moradi wa setjhaba sa ka?

8. Maleme a bona ke motsu o bolayang, ba bolela bohata, ka molomo wa hae e mong a bolelle wa habo kgotso, empa matshwafong a hae a mo tjhehe ka sefi.

9. Na nka lesa jwang ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa moya wa ka o ka lesa jwang ho iphetetsa ho setjhaba se jwalo?

10. Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.

11. Ke tla etsa Jerusalema diqubu tsa majwe, letsaba la diphokojwe, le metse ya Juda ke e etse lesupi le hlokang moahi.

12. Motho ya hlalefileng ke mang? A ke a lemohe taba tsena; eo molomo wa Jehova o buang le yena a ke a re tsebise hore na ke ka baka lang ha ho sentswe lefatshe, leha le tjhesitswe jwaloka lefeella, ho se ya fetang teng na?

13. Ho itswe ke Jehova: Erekaha ba lahlile molao wa ka oo ke neng ke o beile pela bona, ba sa ka ba utlwa lentswe la ka, ba sa ka ba tsamaya ka lona;

14. ba mpa ba nnile ba tsamaya ka bothata ba dipelo tsa bona le ka ho latela boBaale, kamoo ba rutilweng kateng ke bontata bona;

15. ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.

16. Mme ke tla ba qhalanyetsa ditjhabeng tse sa tsejweng ke bona, leha e le ke bontata bona, ke romele lerumo kamora bona, ke tle ke ba fedise.

Jeremia 9