Jeremia 9:4-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. E mong le e mong a ke a itebele motswalleng wa hae, le se ke la tshepa le a mong wa habo lona, hobane e mong le e mong wa habo motho o ye a kgohlise, motswalle ka mong o ye a etselletse;

5. e mong le e mong o ye a thetse motswalle wa hae, mme ha ba bolele nnete; ba rutile maleme a bona ho bolela leshano; ba sebetsa bokgopo ba sa kgathale.

6. Moaho wa hao o hara ba mano; manong a bona ba hana ho ntseba, ho bolela Jehova.

7. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla ba lekola, ke ba leke; hobane nka be ke etsa jwang bakeng sa moradi wa setjhaba sa ka?

8. Maleme a bona ke motsu o bolayang, ba bolela bohata, ka molomo wa hae e mong a bolelle wa habo kgotso, empa matshwafong a hae a mo tjhehe ka sefi.

9. Na nka lesa jwang ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa moya wa ka o ka lesa jwang ho iphetetsa ho setjhaba se jwalo?

Jeremia 9