Jeremia 9:14-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. ba mpa ba nnile ba tsamaya ka bothata ba dipelo tsa bona le ka ho latela boBaale, kamoo ba rutilweng kateng ke bontata bona;

15. ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.

16. Mme ke tla ba qhalanyetsa ditjhabeng tse sa tsejweng ke bona, leha e le ke bontata bona, ke romele lerumo kamora bona, ke tle ke ba fedise.

17. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Batlang, mme le bitse basadi ba balli hore ba tle; le romele ho basadi ba masene hore ba tle;

18. ba akofe, ba re binele kodiyamalla, mahlo a rona a tle a tswe meokgo, dintshi tsa rona di tsholle metsi.

19. Hobane lentswe la pokollo le utlwahala Sione, le re: Jo nna! Re hlile re sentswe! Hase le ho hlabiswa dihlong, hobane re tlohela lefatshe, mehaho ya rona e heleditswe.

20. Ka baka leo, basadi, mamelang lentswe la Jehova, ditsebe tsa lona di ke di amohele lentswe la molomo wa hae; le rute baradi ba lona ho bina pina ya bofifi, motho a rute wa habo kodiyamalla.

21. Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.

22. Ere: Ho itswe ke Jehova: Le ditopo tsa batho di tla wa, di be jwaloka moitedi naheng, le jwaloka diqwapi tseo mokotudi a di siileng, ho se ya di thonakang.

23. Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.

24. Empa ya ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke nna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatsheng, hobane ke kgahliswa ke tseo, ho bolela Jehova.

25. Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgalemela ba bollang kaofela le ba sa bolleng,

26. Egepeta, Juda, Edomo, bana ba Ammone, le Moabe, le bohle ba ipeolang hlafunelo, ba ahileng mafeelleng, hobane ke ditjhaba tse sa bolleng kaofela, mme le yona ntlo yohle ya Iseraele ha e a bolla pelo.

Jeremia 9