1. Mohlang oo, ho bolela Jehova, masapo a marena a Juda, le masapo a matona a hae, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema, a tla ntshwa mabitleng a bona;
2. a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.
3. Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.
4. O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Na motho a ka wa, a sa hlole a tsoha na? Na motho a ka kweneha, a sa hlole a kgutla na?
5. Setjhaba sena sa Jerusalema se kwenehile keng ka kweneho e sa bakelweng? Ba itiisetsa manong keng? Ba hanelang ho sokoloha?
6. Nkile ka mamela, mme ke utlwile: ha ba bolele ho lokileng; ha ho e mong ya swabelang bobe ba hae, a keng a re: Ke entse jwang? Bohle ba matha tseleng ya bona jwaloka pere e mathelang ntweng.
7. Haele mokotatsie, o tseba nako ya yona lehodimong, le leeba, le lefokotsane, le moholodi, di nne di lemohe nako ya ho boela ha tsona; empa setjhaba sa ka, ha se tsebe tokelo ya Jehova.
8. Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano.